Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.
Baefese 3:6 - BIBELE Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe. Sesotho 1909/1961 (SO) e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli; Baasraak Sotho NT hore baditjhaba e tle e be majalefa hammoho le mmele o le mong, le ba nang le kabelo pallong ya hae ka Kreste ka Evangeli. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 hore baditjhaba e tle e be majalefa hammoho le mmele o le mong, le ba nang le kabelo pallong ya hae ka Kreste ka Evangeli. |
Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.
Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.
Hona ho entswe hore tlhlohonolofatso e neilweng Aborahama e tle e newe baditjhaba ka Kreste Jesu; e le hore, ka tumelo, re tle re amohele Moya o tshepisitsweng ke Modimo.
le kamoo, ka ho senolelwa, ke tsebisitsweng sephiri sa hae kateng, jwalokaha ke se ke ngotse hakgutshwanyane.
Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.
Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste.