Baefese 3:16 - BIBELE Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, Sesotho 1909/1961 (SO) Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae, Baasraak Sotho NT hore, ho ya ka monono wa kganya ya wona, o le nee ho matlafatswa ka matla ka Moya wa wona mothong wa kahare; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hore, ho ya ka monono wa kganya ya wona, o le nee ho matlafatswa ka matla ka Moya wa wona mothong wa kahare; |
Morena ke matla a setjhaba sa hae, ke setshabelo se pholosang, setshabelo sa Motlotsuwa wa hae.
O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.
“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’
empa Mojuda wa nnete ke eo e leng yena ka pelong, le lebollo la nnete ke la pelo. Lona ke mosebetsi wa Moya o Halalelang, e seng taba ya buka ya Molao feela. Thoriso ya hae e tswa ho Modimo, e seng ho batho.
Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;
empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.
Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,
Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.
Hona o ho entse hore mehleng e tlang a tle a bonahatse mohau wa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etseditseng wona ho Kreste Jesu,
Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,
Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.
Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.
Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.
Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.
Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.
ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.
Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.