Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang.
Baefese 3:10 - BIBELE e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona. Sesotho 1909/1961 (SO) hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong, Baasraak Sotho NT e le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa, |
Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang.
Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!
Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”
Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!
Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng,
Empa ho ba bitsitsweng ke Modimo, e ka ba Bajuda kapa Bagerike, Kreste eo ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.
Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona.
hore a tle a be kahodimo ho puso yohle, bookamedi bohle, matla wohle, le borena bohle ba meya e busang: kahodimo ho mang kapa mang, mehleng ena kapa mehleng e tlang.
eo e leng mmele wa hae, o phediswang ke yena ka ho tlala, yena ya phediswang ke Modimo ka ho tlala.
Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.
Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.
Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.
Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa.
Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”
Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.
ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.