Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 e le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 E le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:10
23 Referencias Cruzadas  

Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!


Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.


Yaba moya o a nkuka, mme ka utlwa modumo wa serwakgametsa kamora ka, ha thwe: Kganya ya Jehova e ke e bokwe bodulong ba hae!


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla,


Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;


kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla.


Kereke e leng mmele wa hae, le phetheho ya ya phethang ntho tsohle ho bohle.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle;


Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.


Hobane ka ho yena ho hlodilwe tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, leha e le diterone, leha e le marena, leha e le dihlooho, leha e le mebuso; tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.


Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.


Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos