Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.
Baefese 1:16 - BIBELE ha ke phetse ho leboha Modimo ka baka la lona ha ke le rapella. Sesotho 1909/1961 (SO) ha ke lese ho leboha ka lona, ke ntse ke le hopola merapelong ya ka, Baasraak Sotho NT ha ke lese ho le leboha, ha ke ntse ke le hopola merapelong ya ka; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ke lese ho le leboha, ha ke ntse ke le hopola merapelong ya ka; |
Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.
“Ke beile balebedi hodima marako a hao, wena Jerusalema, ba ke keng ba kgutsa motsheare le bosiu: Lona ba rapelang Morena le se ke be la kgutsa,
Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.
Kamehla re leboha Modimo ka baka la lona bohle, mme ha re phetse ho le hopola dithapelong tsa rona.
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.
Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.
Bana ba Iseraele ba re ho Samuele: “O se ke wa kgaotsa ho re rapella ho Morena, Modimo wa rona, hore a re namolele matsohong a Bafilesita.”