Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 ha ke lese ho leboha ka lona, ke ntse ke le hopola merapelong ya ka,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 ha ke phetse ho leboha Modimo ka baka la lona ha ke le rapella.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 ha ke lese ho le leboha, ha ke ntse ke le hopola merapelong ya ka;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ha ke lese ho le leboha, ha ke ntse ke le hopola merapelong ya ka;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 1:16
11 Referencias Cruzadas  

Empa etlere ha ho dutse hantle le wena, o nkgopole, o nketsetse ka mohau, o mpuelle ho Faro, o tle o nntshe tlung ena.


Ke beile dibohodi marakong a hao, Jerusalema; di ke ke tsa kgutsa le ka motsotso o le mong, motshehare le bosiu. Lona bao le hopotsang Jehova, le se ke la ipha sebaka sa ho phomola!


Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, merapelong eo re sa phetseng ho le rapella ka yona;


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;


Re leboha Modimo kamehla ka baka la lona bohle, re ntse re le hopotse merapelong ya rona.


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


Ebile bana ba Iseraele ba re ho Samuele: O se ke wa lesela ho re hoelletsa ho Jehova, Modimo wa rona, a tle a re namolele matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos