Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 1:15 - BIBELE

15 Ka baka leo le nna, ha ke se ke utlwile tsa tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato leo le ratang badumedi bohle ka lona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka baka leo, haesale ke utlwa le nna tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ka baka leo, ha ke utlwa tumelo ya lona ho Morena Jesu Kreste, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ka baka leo, ha ke utlwa tumelo ya lona ho Morena Jesu Kreste, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 1:15
17 Referencias Cruzadas  

Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile.


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re:


hore, mmoho le badumedi bohle, le tle le tsebe ho utlwisisa seo bophara ba lona, bolelele ba lona, bophahamo ba lona, le botebo ba lona bo leng sona.


Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Ha e le ka lerato la boena, ha le hloke hore le ngollwe ka lona, hobane ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana;


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu.


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?


Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos