Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa.
Amose 9:3 - BIBELE Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo. Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma; |
Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa.
Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.
“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.
Yaba Amose o re: “Morena o puruma a le Sione, o thwathwaretsa a le Jerusalema; makgulo a badisa a a omella, tlhoro ya Karamele yona e a pona.”