Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:16 - BIBELE

16 “Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:16
21 Referencias Cruzadas  

Mahlong a Modimo e ne e le setsomi se matla, mme ke ka baka lena ho yeng ho thwe: “Jwaloka Nimerode, setsomi se matla mahlong a Modimo.”


Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle.


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


Ha rata la bapalami le ba diqha le utlwahala, baahi ba metse yohle ba tla baleha; ba tla kena merung, ba hlwelle hodima mafika; metse yohle e tla furallwa ke baahi ba yona, ha ho le ya mong ya tla phela ho yona.


Bona, ke tla o tlisetsa tshabo, o tshabe bohle ba o potapotileng,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho. “Kaofela ha lona le tla lelekwa naheng ena, ha ho ya tla phutha baphaphathehi ba lona.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Tjhaba sa Iseraele se tla fediswa ho hang, se tshwane le tshimo ya morara e kgwahlapisitswe.


Dira di disitse metsamao ya rona, re sitwa le ho tsamaya diterateng tsa rona. Bofelo ba rona bo se bo atametse, ditshiu tsa rona di se di badilwe, bofelo ba rona bo se bo fihlile.


Baphaladisi ba rona ba lebelo haholo, ba lebelo le ho feta dintsu di fofa; ba re phaladisitse hodima dithaba, ba re lalla hara lehwatata.


Ke tla futuhela bafetohedi, ke ba kgahlole, ke ba kgobokanyetse mabotho a baditjhaba, ke ba otlele dibe tsa bona, dibe tse ngatangata.


Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope.


Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: ‘Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe.’


Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.


Ka baka lena, o se ke wa etsa hore madi a ka a tsholohele naheng esele, hole le Morena, hobane kgosi ya Iseraele e tlilo batla letsetse jwalokaha motho a tsoma kgwale hara dithaba.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos