Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo.

Ver Capítulo Copiar




Amose 9:3
10 Referencias Cruzadas  

Jwale ba utlwa lentswe la Jehova Modimo ha a tsamaya tshimong ka mantsiboya ha ho phodile. Adama le mosadi wa hae ba ipata hara difate tsa tshimo, ba tshaba sefahleho sa Jehova Modimo.


Baditjhaba ba tepeletse, ba tswa diqhobosheaneng tsa bona ba thothomela.


Mme o re: Modimo o ka tseba eng? Na o ka ahlola, mahlo a wona a phunya lefifi na?


Ha ho lefifi, ha ho moriti o motsho, moo ba sebetsang bokgopo ba ka ipatang teng.


hore maoto a hao a hate mading, mme leleme la dintja tsa hao le abelwe ditopo tsa dira tsa hao.


Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng.


Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos