Amose 8:12 - BIBELE Batho ba tla lelera le mawatle wohle, ba phaqole ho tloha leboya ho ya botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Morena, empa ha ba ka ke ba le fumana. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tla tsamaya ba etswa lewatleng le leng, ba ya ho le leng; ba tla matha ba etswa leboya, ho isa botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Jehova, empa ba ke ke ba le fumana. |
Mosomi o batla bohlale, empa ha a bo fumane, ya nang le kutlwisiso tsebo o e fumana habonolo.
Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao.
“Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.’
Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.
Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”
Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona.
Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata.