Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.
Amose 3:11 - BIBELE Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Sera se tla futuhela naha, se e futuhele kahohle, marako a lona a tshireletso se a heletse, matlotlo a matlo a dikwele tsa lona se a hahare.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, Morena Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka nqa tsohle ho lefatshe! Se tla diha kganya ya hao, matlo a hao a borena a phahlwe. |
Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.
Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.
Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.
Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa.
“Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena.
Ntlo e dulwang mariha ke tla e heletsa, ke heletse le e dulwang hlabula; matlo a kgabisitsweng, a kgabiswa ka manaka a tlou, a tla heletswa, mehohoma ya matlo e fetohe masupi,” ho rialo Morena.
Morena Modimo wa mabotho o re: “Lona Baiseraele, ke tla le phepheletsa setjhaba, se le hatelle ho tloha Kgalong la Hamate, se le hatelle ho ya fihla Kgohlong ya Araba.”
Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”