Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore.
Amose 1:10 - BIBELE Marako a Tire ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse.” Sesotho 1909/1961 (SO) ke tla akgela mollo kahara lerako la Tire, o tle o tjhese matlo a teng a borena. |
Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore.
Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.
Di tla heletsa marako a Tire, di dihe le ditora tsa yona. Ke tla hohola mobu wa yona, ke siye letlapa le le feela.
O silafaditse dihalalelo tsa hao, wa di silafatsa ka bongata ba makgopo a hao, wa di silafatsa ka ho hweba ka bolotsana; kahoo ke tla hotetsa mollo kahare ho wena, wona o o tjhese, o be o o timetse, ke o fetole molora hodima lefatshe, moo batho bohle ba ntseng ba o bona.
“Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.
Empa Morena o tla hapa maruo a yona, dikepe tsa yona a di pshatlele lewatleng, ebe motse wona o o tjhesa ka mollo.