Ka le hlahlamang, ha baahi ba Ashedode ba tsoha ka madungwadungwana, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Ba nka Dagone, ba boela ba mmea ditulong tsa hae.
Yaba ba nka pohwana eo ba e neilweng, ba a e tshela, ba bitsa Baale ho tloha hoseng, ho fihlela hara mpa ya motsheare, ba ntse ba re: “Oho, Baale, ako re arabe!” Empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang. Ba tlolaka pela aletare eo ba neng ba e hahile.
“ ‘Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena.
Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.
Mofutsana ya sitwang ho etsa nyehelo e jwalo, o kgetha sefate se ke keng sa ba sa bola; a batle setsebihadi sa mohlalefi ho mo etsetsa setshwantsho sa modimo wa bohata, se ke keng sa wa.
Kahoo sebetli se kgothatsa lelala la kgauta, ya photlang ka noto o kgothatsa sefuthi, o re ho sona: “E kopane hantle!” O kgokgothela modimo wa bohata ka dipekere, e le hore o tiye, o se ke wa ketoha.
Ba a se nka, ba se jare ka mahetla a bona, ba se bee tulong tsa sona, se eme teng; moo se emeng teng se ke ke sa sisinyeha. Leha motho a ka ipiletsa ho sona ha se mo arabe, leha e le hona ho mo pholosa tsietseng ya hae.
Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”
Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona.