Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”
1 Samuele 3:10 - BIBELE Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse. |
Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”
Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.
Morena a re ho Samuele: “Bona mona, ho na le ntho eo ke tla e etsa naheng ena ya Iseraele, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.
Samuele a robala ho fihlela hoseng; yaba o bula mamati a ntlo ya Morena. Empa Samuele a tshaba ho bolella Eli pono eo.
Morena a boela a iponahatsa Shilo, hobane Morena o ne a ile a iponahatsa Shilo, ho Samuele, ka lentswe la Morena.
Morena a bitsa Samuele kgetlo la boraro. Yaba o a tsoha, o ya ho Eli, o re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a elellwa hore ke Morena ya bitsang moshanyana.
Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: “Tsamaya o yo robala. Haeba a ka o bitsa hape, o tle o re: ‘Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.’ ” Samuele a tsamaya, a fihla a robala moo a neng a ntse a robetse teng.