Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:2 - BIBELE

2 Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bonang jwale, morena eo ke yena motsamaisi wa lona, hobane nna ke hodile, ke hlooho e putswa, mme bara ba ka ke bao, le na le bona; haele nna, ke nnile ka le tsamaisa ke sa le motjha, ho fihlela tsatsi lena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:2
17 Referencias Cruzadas  

Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,


ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.”


Ha e le nna ke se ke le lekgatheng la ho etswa sehlabelo, mme nako ya ho shwa ha ka e fihlile.


Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.


Ke ha Joshua a phutha Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona, mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse, le dilemo tsa ka di se di ile.


hobane ke a tseba hore haufinyane ke tla falla bophelong bona, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a ntsebisitse.


Eli o ne a se a tsofetse haholo. A utlwa tsohle tseo bara ba hae ba neng ba ye ba di etse ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba ye ba robale le basadi ba sebeletsang monyakong wa Tente ya Morena kateng.


Jwale ke ka baka lang ha o hlompholla sehlabelo sa ka, le nyehelo ya ka, eo ke laetseng hore e etswe ka leahong la ka; ebe o tlotla bara ba hao ho mpheta, hore o inontshe ka tse monatenate tsa dinyehelo tsohle tsa Baiseraele, e leng setjhaba sa ka?’


Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.”


Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.


Yaba Eli o botsa Samuele, o re: “Samuele, ngwanaka!” Samuele a re: “Ke nna enwa.”


Ha Samuele a se a tsofetse, a bea bara ba hae hore e be baahlodi ba Baiseraele.


e le hore le rona re be jwaloka ditjhaba tsohle, kgosi ya rona e re buse, e re etelle pele, e re lwanele dintweng tsa rona.”


Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka.


Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos