La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 2:6 - BIBELE

“Morena o a bolaya, o bile o a phedisa; o theolela Nqalong ya bafu, a ba nyolle teng hape.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng.

Ver Capítulo



1 Samuele 2:6
20 Referencias Cruzadas  

Morena a mamela thapelo ya Elia, moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, mme a phela.


Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!”


Modimo o a hlatha, a be a tlame leqeba; tsoho la hae le a otla, le bile le a fodisa;


Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing.


Morena, o nnyolotse Nqalong ya Bafu, wa nkgutlisa ho ba neng ba theohela lebitleng.


Ho bokwe Morena ka matsatsi wohle, yena ya re pepang, yena Modimo, mopholosi wa rona.


Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;


nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;


Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Ka baka leo, porofeta, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bonang, lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona, ke le ntshe kahara wona, ke le kgutlisetse naheng ya Iseraele.


Morena a mpotsa, a re: “Wena ngwana motho, na masapo aa a ka boela a phela?” Ka araba, ka re: “Morena Modimo, ke wena feela ya tsebang.”


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela.


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.


Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”