Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
1 Samuele 1:6 - BIBELE Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari. Sesotho 1909/1961 (SO) Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa. |
Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
“Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
“ ‘O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela.
A boela a re ho ntatae: “Nketsetse ntho ena e le nngwe feela: Ntumelle ke be mong feela ka dikgwedi tse pedi, ke tsamaye le thaka tsa ka ke yo lelera hara dithaba, ke llele hore ke tla shwa ke le morwetsana.”
Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je.
Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao.