Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le kganya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse mahodimong le lefatsheng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, mme o phahametse tsohle o le morena.
Yuda 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) ho Modimo o nnotshi, Mmoloki wa rona, e be kganya, le boholo, le matla, le borena, ka Morena wa rona Jesu Kreste, jwale le kamehleng le mehla! Amen! BIBELE ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo! Baasraak Sotho NT Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen. |
Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le kganya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse mahodimong le lefatsheng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, mme o phahametse tsohle o le morena.
Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.
Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa.
O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?
Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.
Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.
Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.
o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]
Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda.
Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?
A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!
Hobane ntho tsohle di tswa ho yena, di eme ka yena, mme di etsetswa yena. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!
ke re, ho yena, e leng Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo ka ho sa yeng kae, ka Jesu Kreste! Amen!
hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,
ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!
Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!
ba se ke ba utswa letho, empa ba etse hohle ka botshepehi bo botle, ba tle ba hlophise thuto ya Modimo, Mmoloki wa rona, nthong tsohle.
re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;
Empa mohla ho bonahatseng mohau wa Modimo, Mmoloki wa rona, le lerato la wona ho batho, o re pholositse;
Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.
E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.
Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:
le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!
Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!