Yuda 1:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama. BIBELE le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona. Baasraak Sotho NT Ba bang le ba pholose ka tshabo, le ba tlose mollong; ba hloile le seaparo se silafetseng ke nama. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba bang le ba pholose ka tshabo, le ba tlose mollong; ba hloile le seaparo se silafetseng ke nama. |
Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.
Ba nnile ba dikadika jwaloka difofu mapatlelong, ba itshilafaditse ka madi, mme diaparo tsa bona di ne di se na ho angwa.
E mong le e mong ya robetseng ka tlung eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae; leha e ka ba mang le mang ya jetseng ka tlung eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae.
seaparo se seng le se seng le letlalo le leng le le leng le rothetsweng ke mohlapo, e tla hlatsuwa, e tla ba sesila ho isa mantsiboya.
Ke ne ke hlahise ditshenyo hara lona jwaloka mohla Modimo o senyang Sodoma le Gomorra, mme le pholohile jwaloka lefatsa le ntshitsweng mollong; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.
Ekare ha mosebetsi wa e mong o etjha, yena o tla timellwa ke wona; mme haele yena, o tla pholoha, empa ho tla ba jwaloka hoja a fetile hara mollo.
Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.
Ekare ha e mong a sa utlwe mantswe a rona a lengolo lena, eo le mo kgethe, mme le se ke la kopana le yena, a tle a be le dihlong.
O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.
ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.
Empa o na le mabitso a ba seng bakae Sarda, ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; ba tla tsamaya le nna ka diaparo tse tshweu, kahobane ba loketswe ke hona.