A isa mahlo nqa Sodoma le Gomora, le nqa naheng yohle ya lehwatata, a tadima, mme bonang, mosi wa naha eo o ne o nyoloha jwaloka mosi wa sebopi.
Tshenolo 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ba pheta ba re: Alleluya! Mosi wa sona o nyoloha kamehla le mehla. BIBELE Hape la re: “Haleluja! Mosi wa sona o foqoha kamehla le mehla.” Baasraak Sotho NT Ba boela ba re: Haleluya. Mme mosi wa hae o nyoloha kamehla le mehla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba boela ba re: Haleluya. Mme mosi wa hae o nyoloha kamehla le mehla. |
A isa mahlo nqa Sodoma le Gomora, le nqa naheng yohle ya lehwatata, a tadima, mme bonang, mosi wa naha eo o ne o nyoloha jwaloka mosi wa sebopi.
Baetsadibe a ba ke ba timelle lefatsheng, ba babe ba lese ho ba teng! Boka Jehova, moya wa ka! Bokang Jehova!
E ke ke ya tingwa ke motho bosiu le motshehare, mosi wa yona o tla nyoloha ka ho sa yeng kae, e tla ba nahathothe kamehla le mehla; ha ho motho leha a le mong ya tla feta teng.
Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.
Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.
mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo?
Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;
Kamora tseo, ka utlwa lehodimong ho kang lentswe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Modimo wa rona;
Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse phelang tse nne, ba wa ka difahleho, ba kgumamela Modimo o dutseng teroneng, ba re: Amen! Alleluya!