Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 19:3 - BIBELE

3 Hape la re: “Haleluja! Mosi wa sona o foqoha kamehla le mehla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme ba pheta ba re: Alleluya! Mosi wa sona o nyoloha kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ba boela ba re: Haleluya. Mme mosi wa hae o nyoloha kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ba boela ba re: Haleluya. Mme mosi wa hae o nyoloha kamehla le mehla.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 19:3
9 Referencias Cruzadas  

A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.


Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng, ba kgopo ba se hlole ba eba teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Haleluja!


E ke ke ya tingwa motsheare le bosiu, mosi wa yona o tla foqoha kamehla yohle. Naha e tla ba nanaola ka mengwaha yohle, ha ho ya sa tla feta hara yona.


Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.


Mosi wa tlhokofatso ya batho bao o tla foqohela hodimo kamehla le mehla. Ba kgumamelang sebatana le setshwantsho sa sona, le bohle ba fumanwang ba ena le letshwao la sona, ha ba ka ke ba phomola motsheare le bosiu.”


Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: ‘Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?’


“Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.


Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re: “Haleluja! Tlholo, le tlotla, le matla ke tsa Modimo wa rona,


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse nne tse phelang, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo ya dutseng teroneng, ba re: “Amen, Haleluja!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos