Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 19:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora tseo, ka utlwa lehodimong ho kang lentswe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Modimo wa rona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re: “Haleluja! Tlholo, le tlotla, le matla ke tsa Modimo wa rona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Kamora tseo, ka utlwa lentswe le leholo la bongata bo boholo lehodimong, le re: Haleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Jehova, Modimo wa rona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Kamora tseo, ka utlwa lentswe le leholo la bongata bo boholo lehodimong, le re: Haleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Jehova, Modimo wa rona;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 19:1
23 Referencias Cruzadas  

Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le kganya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse mahodimong le lefatsheng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, mme o phahametse tsohle o le morena.


Baetsadibe a ba ke ba timelle lefatsheng, ba babe ba lese ho ba teng! Boka Jehova, moya wa ka! Bokang Jehova!


Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.


empa rona, re tla boka Jehova, jwale le ho isa ho bo sa feleng! Bokang Jehova!


Bokang Jehova! Moya wa ka, o rorise Jehova!


Bokang Jehova! Rorisang Jehova mahodimong! Mo roriseng bophahameng ba sebaka!


Bokang Jehova! Binelang Jehova sefela se setjha, a nne a rokwe phuthehong ya bakgethwa ba hae.


Bokang Jehova! Rorisang Modimo sehalalelong sa wona, o roriseng lehodimong le entsweng ke matla a wona!


Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)


Modimo o boletse hang, mme ke utlwile habedi, ha ho thwe: Matla ke a Modimo;


Mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho tsona, di tla tshela ditlatse tsa thabo ka Babilona; hobane basenyi ba tla mo tlela ba etswa nqa leboya, ho bolela Jehova.


empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova!


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.


Ka utlwa le ho kang lentswe la bongata bo boholo, le ho kang modumo wa metsi a mangata, le ho kang lentswe la diaduma tse matla, le re: Alleluya! Hobane Morena, Modimo wa rona o matla wohle, o a busa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos