Tite 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Banna ba batjha le bona o ba kgothatse, hore ba phele ka kelello. BIBELE Bahlankana le bona o ba kgothaletse hore ba be sedi. Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo, bahlankana o ba kgothatse hore ba be le kelello. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo, bahlankana o ba kgothatse hore ba be le kelello. |
Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;
O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;
Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.
Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.
O se ke wa kgalemela ya hodileng ka thata, empa o mo kgothatse jwaloka hoja ke ntatao, ba batjha jwaloka hoja ke banabeno;
Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Bontate, ke a le ngolla, kahobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke a le ngolla, kahobane le hlotse e mobe.