Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 U iponahatse u le mohlala oa mesebetsi e metle linthong tsohle, thutong ea ho se bole, le bokhabane, le botšepehi,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 U iponahatse u le mohlala oa mesebetsi e metle linthong tsohle, thutong ea ho se bole, le bokhabane, le botšepehi,

Ver Capítulo Copiar




Tite 2:7
12 Referencias Cruzadas  

Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolofolo a ba bang, nnete ya lerato la lona.


Mohau o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng. Amen!


le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;


E seng hoba re hloka tokelo e jwalo, empa e le ho le etsetsa mohlala, le tle le re etsise.


Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko.


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos