Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O se ke wa kgalemela ya hodileng ka thata, empa o mo kgothatse jwaloka hoja ke ntatao, ba batjha jwaloka hoja ke banabeno;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 O se ke wa kgarumela motho e moholo ho wena, empa o ipiletse ho yena jwaloka hoja ke ntatao. Tadima ba batjha e le baena ba hao,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 O se ke wa kgalemela moholo, o mpe o mo laele jwaloka ntatae; le banna ba batjha jwaloka bana ba motho;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 O se ke wa kgalemela moholo, o mpe o mo laele jwaloka ntatae; le banna ba batjha jwaloka bana ba motho;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 5:1
26 Referencias Cruzadas  

O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.


Baapostola le baholo ba bokana ho rerisana taba eo.


Ha a se a le Mileta, a romela Efese ho ya bitsa baholo ba kereke.


Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


ya itseng bakeng sa ntatae le mmae: Ha ke a ka ka ba bona; mme ha ba tsebe banababo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentswe la hao, mme ba bolokile selekane sa hao.


Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.


basadi ba hodileng jwaloka hoja ke bommao, ba batjha jwaloka hoja ke bokgaitsedie, ka hlweko yohle.


Bolella banna ba hodileng hore ba tshabe botahwa, ba tshabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, le leratong le mamellong.


Banna ba batjha le bona o ba kgothatse, hore ba phele ka kelello.


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


E mong hara lona ha a baba, a bitse baholo ba kereke, mme ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena.


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete —


Nna, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.


Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos