Sofonia 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona Bakushe, le tla ba ba bolailweng ke lerumo la ka! BIBELE “Le lona Bakushe le tla timetswa, sabole ya Morena e le bolaye.” |
Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!
Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.
Yaba Jehova o re: jwalokaha mohlanka wa ka, Esaia, a tsamaile ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala dieta, ho ba pontsho le setshwantsho ho Egepeta le ho Ethiopia,
Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.
Ke mpa ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, ke tla bea lerumo la ka letsohong la hae, ke robe matsoho a Faro, a fehelwe pela hae ka mefehelo ya motho ya hlabilweng.