Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 O madimabe wena Asiria, o leng molamu wa kgalefo ya ka! Kotjane ya kgalefo ya ka e tsohong la hao!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:5
31 Referencias Cruzadas  

Ha tswa fatsheng leo Assure, mme a haha Ninive, le motse wa Rehobothe, le Kala,


Hleka o re, ke tlile jwale kantle ho Jehova hore ke lwantshe setsha sena, ke se fedise? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Ya lwantsha fatshe leo, o le fedise.


Hleka ha o a ka wa utlwa hore ke kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.


Hobane lere la bolotsana le ke ke la dula kabelong ya ba lokileng, esere mohlomong ba lokileng ba otlollela bokgopo matsoho a bona.


ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.


Hobane ho se ho se hokae, kgalefo ya ka e tla feta, bohale ba ka bo kgelohele ho ya ba timeletsa.


Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.


Jehova wa makgotla o hlapantse, a re: Ruri, seo ke se hopotseng, se tla etsahala; le seo ke se rerileng, se tla hlaha.


Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.


Bona naha ya Bakalde! Ha e sa le setjhaba; Baassiria ba e neetse dibatana tsa naha; ba haha ditora tsa bona tsa ntwa, ba heletsa matlo a borena a Kanana, ba a etsa lesupi.


Eya setjhaba sa ka, kena kamoreng ya hao, o kwale monyako kamora hao! O ipate ho se hokae, ho fihlela kgalefo e feta.


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


Bonang, lebitso la Jehova le a tla le etswa hole, le tla ka mollo wa bohale le tjheso e tshabehang; melomo ya hae e tletse kgalefo, leleme la hae le jwaloka lelakabe le tjhesang.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Hobane ke setjhaba se ikgantshang, ke bana ba leshano, bana ba hanang ho utlwa molao wa Jehova;


Hobane Jehova o halefetse ditjhaba tsohle, o halefetse makgotla a tsona kaofela; o di neetse thohako, o di neetse lefu.


Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.


Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.


Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le adimileng mose wa noka, ke ho re, ka morena wa Assiria o tla beola hlooho le mohwete wa maoto, a tlose le ditedu.


Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.


ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.


Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.


Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Tshenolo bakeng sa Ninive. Buka ya pono ya Nahume wa Elkoshe.


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


Hape, Jehova o tla otlollela letsoho la hae ka nqa leboya, a timeletse Assiria, a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se jwaloka lefeella!


Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos