Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:6
38 Referencias Cruzadas  

Moo, ka ba silakanya jwaloka lerole la lefatshe; ka ba hatakela, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


Hleka o re, ke tlile jwale kantle ho Jehova hore ke lwantshe setsha sena, ke se fedise? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Ya lwantsha fatshe leo, o le fedise.


Ke moo naha ya Juda e tla hlwenyetsa Baegepeta, mme lebitso la Juda ha le bolelwa bohle ba ya tshoha, ka baka la morero oo Jehova wa makgotla a o rerileng hodima bona.


Hobane ke letsatsi la matsoso, la ho tujwa, le la moferefere, le laotsweng ke Morena, Jehova wa makgotla, sekgutlong sa dipono; ho heletswa marako, mehoo ya tshoho e dumaela dithabeng.


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


Hobane molotsana o bolela tsa bolotsana feela, pelo ya hae e neetswe bobe, a tle a etse bolotsana, a sebe Jehova ka dipuo tsa bohata, a beelle moya wa ya lapileng tlala, a time ya nyorilweng seno.


Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.


Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


Bara ba hao ba ya tla ka lebelo; ba o sentseng le ba o entseng lesupi ba tla baleha.


E, ho bolela Jehova, makgotla a holehilweng ke monna ya matla o tla amohuwa wona, kgapo ya mohale e tla pshemoha, hobane nna ke tla lwantsha ba o lwantshang, ke lokolle bara ba hao.


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ho puruma ha bona ho ka ha tau e tshehadi, ba puruma jwaloka ditau tse ntjha, ba kurutla, ba tshwara kgapo, ba ya le yona; ha ho motho ya tla e hlwibila ho bona.


Jwale, a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa ka tshimo ya ka ya merara hona jwale: ke tla tlosa motero wa yona ke e etse makgulo; ke tla heletsa lerako la yona, e hatakelwe;


Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.


Ke hataketse ditjhaba bohaleng ba ka, ke di tahisitse kgalefong ya ka, ka tshollela madi a tsona fatshe.


Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.


Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.


E tla haola ka naha ya Juda, e phahame, e tswele kantle, metsi a yona a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a yona, e kwahele bophara bohle ba naha ya hao, Emmanuele.


Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Lefatshe le tjha ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, mme setjhaba se ba jwaloka dipatsi tse entsweng dijo tsa mollo; ha ho motho ya tla hauhela ngwanabo.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.


Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Moputso wa hae oo a o sebeleditseng, ke tla mo nea Egepeta, ka baka la seo ba ntshebeleditseng ka sona: ho rialo Morena Jehova.


Ke tla ya ho hapa kgapo, ho tlatlapa thepa, ho lwantsha dithako tse tsositsweng, setjhaba se phuthilweng ditjhabeng, se ruileng mehlape le mesebetsi, se ahileng nqalong tse phahameng tsa naha.


Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Baikaketsi, Esaia o ne a porofete tsa lona hantle, ha a itse:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos