Yaba Manasse o orohela ho bontatae, a patwa tshimong ya ntlo ya hae, tshimong ya Ussa; mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
Sofonia 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Sofonia, mora Kushi, mora Gedalia, mora Amaria, mora Esekiase, mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda. BIBELE Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya. |
Yaba Manasse o orohela ho bontatae, a patwa tshimong ya ntlo ya hae, tshimong ya Ussa; mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
Ebile o patwa lebitleng la hae, tshimong ya Ussa; mme Josiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
Manasse a orohela ho bontatae, a patwa ka tlung ya hae, mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
eo lentswe la Jehova le kileng la tla ho yena mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.
Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa Shallume, mora Josiase, morena wa Juda, ya kileng a etswa morena bakeng sa Josiase ntatae, mme a tlositswe nqalong ena: Ha a sa tla boela kwano.
Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.
lentswe la Jehova la tlela Esekiele, mora Busi moprista, a le naheng ya Bakalde, pela noka ya Kebare; letsoho la Jehova la eba ho yena hona teng.
Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.
Lengolo lohle le budutsweng ke Moya wa Modimo, le na le molemo wa ho ruta, wa ho kgodisa, wa ho laya, le wa ho hodisa ka kgolo ya ho loka;
Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;