Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa Shallume, mora Josiase, morena wa Juda, ya kileng a etswa morena bakeng sa Josiase ntatae, mme a tlositswe nqalong ena: Ha a sa tla boela kwano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Morena o bua tjena malebana le Shalome, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:11
10 Referencias Cruzadas  

Tshiung tsa hae, Faro-Neko, morena wa Egepeta, a futuhela morena wa Assiria, ho fihla nokeng ya Eufrate; le morena Josiase a ya mo kgahlanyetsa; empa Faro a mmolaela Megiddo, mohla ba teaneng.


Yaba bahlanka ba hae ba tloha Megiddo, ba mo isa Jerusalema ka koloi, a se a shwele, mme ba mo pata lebitleng la hae. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda se nka Joakase, mora Josiase; ba mo tlotsa, ba mmea morena tulong tsa ntatae.


Joakase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.


Bara ba Josiase ke Jokanane, wa letsibolo; wa bobedi ke Jojakime, wa boraro ke Tsedekia, wa bone ke Shallume.


Banna ba bang ba dihlooho tsa bana ba Efraime, boAsaria, mora Johanane, le Berekia, mora Meshillemothe, le Esekiase, mora Shallume, le Amasa, mora Hadlai, ba phahamela ba kgutlang ntweng,


Yaba Hilkia le ba romilweng ke morena ba ya ho Hulda, moporofeta wa mosadi, mosadi wa Shallume, mora Thokehathe, mora Hasra, molebedi wa diaparo, ya ahileng Jerusalema, karolong e nngwe ya motse, mme ba mmolella tseo.


Haele lefatshe leo pelo tsa bona di tla le hlolohelwa ho boela teng, ba ke ke ba boela teng.


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Sofonia, mora Kushi, mora Gedalia, mora Amaria, mora Esekiase, mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos