Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.
Sakaria 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lengeloi le buang le nna la nkaraba, la re: Na ha o tsebe hore ntho tseo keng? Ka re: Tjhe, monga ka. BIBELE Lengeloi leo la araba, la re: “Ha o tsebe hore na dintho tsee ke dintho ding?” Ka araba, ka re: “Tjhe, monghadi.” |
Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.
Ha e le ka nna, hase ka bohlale boo ke fetisang ba utlwang kaofela ka bona, ha ke senoletswe sephiri sena, empa e le hore morena a se kwahollelwe, le hore o utlwisise mehopolo ya pelo ya hao.
Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.
Lengeloi le neng le bua le nna la boela la kgutla, la ntsosa, jwalokaha ho tsoswa motho borokong.
A boela a re ho bona: Hleka ha le tsebe setshwantsho seo na? Ha ekaba ho jwalo, le ka tseba jwang ditshwantsho tsohle?