Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 41:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:16
19 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.


Yaba Faro o re ho Josefa: Ho loreng ha ka, bona, ke ne ke eme lebopong la noka.


Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.


Ke yona taba eo ke e boleletseng Faro: Seo Modimo o tlang ho se etsa o se bontshitse Faro.


A re: Ha Jehova a sa o pholose, nna ke tla o pholosa jwang? Na ekaba ke ka se tswang seotlong, kapa sehatelong na?


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Ke fihletse hoba ho ka ba molemo ha ke le tsebisa dipontsho le mehlolo eo Modimo o hodimodimo o e sebeditseng ho nna.


Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


a re: Jo! hoja ebe le wena o tsebile, le ka tsatsi lena la hao, tse ka beng di o hlahisetsa kgotso! Empa jwale di patetswe mahlo a hao.


Petrose ha a bona hoo, a bolella setjhaba, a re: Banna ba Iseraele, le tsotelang taba eo? Le re hlabelang ka mahlo, jwaloka eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona re tsamaisitseng motho eo?


A ntoo mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa, mme maoto le maqaqailane a hae a hla a tiya kapele.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Ditaba tse patilweng ke tsa Jehova, Modimo wa rona, empa tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona ka ho sa feleng, re tle re etse ka ditaba tsohle tsa molao ona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos