Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 41:16 - BIBELE

16 Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:16
19 Referencias Cruzadas  

Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.


Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”


Yaba Faro o re ho Josefa: “Bona, torong ya ka ke ne ke eme lebopong la noka.


Yaba Josefa o re ho Faro: “Ditoro tsena tsa Faro ke ntho e le nngwe; Modimo o senoletse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.


“Ke sona seo ke se boleletseng Faro, ha ke re: ‘Modimo o bontshitse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.’


Kgosi ya re: “Haeba Morena a sa o thuse, nna nka o thusa ka eng? Ha ke na koro kapa veine!”


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


“Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.


Petrose ha a bona hoo, a re ho bona: “Banna ba Iseraele, keng ha le makalla taba ee? Le re tadimelang jwalokaha eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona, re entseng hore monna eo a tsamaye?


A mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa; maoto a hae le maqaqailana a tiya hanghang.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.


“Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos