Ruthe 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ntoo re ho wa habo Ruthe: Naomi, ya kgutlileng naheng ya Moabe, o reka ka koto se seng sa tshimo eo e neng e le ya Elimeleke, ngwanabo rona. BIBELE Jwale Boase a re ho monna ya tswalanang le yena: “Naomi ya kgutlileng naheng ya Moabe, o rekisa naha eo e neng e le ya ngwanabo rona, Elimeleke. |
Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka.
Ekare ha ngwaneno ya fumanehileng a ka rekisa ka fapha le leng la naha ya hae, eo e leng wa habo ka ho tswalwa, ya nang le tokelo ya ho rekolla, ha e be yena ya rekollang se rekisitsweng ke ngwanabo.
Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.