Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke itse, e ka kgona ke o bolelle, ke re: O se reke pontsheng ho ba ahileng motseng ona le pontsheng ho baholo ba setjhaba sa heso. Ha ekaba o rata ho se lopolla, o se lopolle; ha o sa rate ho se lopolla, o ntsebise, ke tle ke tsebe; hobane ha ho e mong ya ka se lopollang haese wena, mme ke nna ya o hlahlamang. Ebile eo o re: Ke rata ho se lopolla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke fumane ho le molemo hore ke o bolelle taba ena, ke re: ‘Reka naha eo moo setjhaba sa heso le baholo ba sona ba leng teng. Haeba o e lopolla, e lopolle; le teng ha o sa e lopolle, mpolelle, e le hore ke tsebe, hobane ha ho e mong ya ka e lopollang haese wena, kapa nna, hobane ke a o hlahlama.’ ” Monna eo a re: “Ke tla e lopolla.”

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:4
12 Referencias Cruzadas  

Tjhe, morena, ako mamele: Ke o nea tshimo, le lehaha le ho yona ke o nea lona; ke o nea tsona pontsheng ya bara ba setjhaba se heso: pata mofu wa hao.


hore e tla ba leruo la Abrahama pontsheng ya bara ba Hethe le ya bohle ba fetang kgorong ya motse wa hae.


Leha ho le jwalo, Morena Jehova, o bile wa re ho nna: O ithekele tshimo eo ka ditjhelete, o nke dipaki, kanthe motse o se o ya neelwa matsohong a Bakalde.


Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle.


Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.


Baholo ba motse ba tla mmitsa, ba bue le yena; ha a ka phehella, a re: Ha ke rate ho mo nka;


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.


Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna.


A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos