Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Boase a re: Ka tsatsi leo o rekang tshimo ho Naomi, e ka kgona o e reke le ho Ruthe wa Moabe, mosadi wa ya shweleng, e le hore o tle o tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Empa Boase a tswela pele, a re: “Mohla o rekang naha ena ho Naomi, o tla e rekella le Ruthe wa Moabe, e leng mosadi wa mofu, e le hore o tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa.”

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:5
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Juda o re ho Onane: Eya ho mosadi wa moholwane wa hao, o mo kenele, kaha o le ngwanabo monna wa hae, o tsosetse moholwane wa hao leloko.


ba re: Moruti, Moshe o itse: Monna ha a eshwa, a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana.


ba re: Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Moholwane wa motho ha a shwele a ena le mosadi, empa a se na bana, e ka kgona moenae a nke mohlolohadi eo wa hae, a tle a hlahisetse ngwanabo bana.


Ekare ha motho eo a sa rate ho nka mosadi wa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ho baholo, a re ho bona: Ngwanabo monna wa ka o hana ho tsosetsa ngwanabo lebitso Iseraeleng, o hana ho nketsa se tshwanelang ngwanabo monna wa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos