Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Ruthe 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna. BIBELE Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta. |
Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.
Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.
Mme jwale, moradi wa ka, se tshabe; ke tla o etsa ka tsohle tseo o di boletseng, hobane bohle ba motse wa tjhaba sa heso ba tseba hobane o mosadi ya kgabane.
Leha ho le jwalo, dula mona bosiu bona, mme hosasa, ha a rata ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ke teng, a fele a di phethe; ha a sa rate ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ka Jehova ya utlwang, ke nna ke tla di phetha; robala, ho be ho se.
Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.
Ke itse, e ka kgona ke o bolelle, ke re: O se reke pontsheng ho ba ahileng motseng ona le pontsheng ho baholo ba setjhaba sa heso. Ha ekaba o rata ho se lopolla, o se lopolle; ha o sa rate ho se lopolla, o ntsebise, ke tle ke tsebe; hobane ha ho e mong ya ka se lopollang haese wena, mme ke nna ya o hlahlamang. Ebile eo o re: Ke rata ho se lopolla.