Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “Morena ya hauhelang ba phelang le ba shweleng a ke a mo hlohonolofatse.” Naomi a eketsa, a re ho yena: “Monna eo ke seng le rona, re tswalana le yena.”

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 2:20
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.


Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?


Empa ke a tseba hobane Molopolli wa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema lefatsheng.


Motswalle wa motho o mo rata kamehla; e ba ngwanabo tlokotsing ya hae.


Ekare ha ngwaneno ya fumanehileng a ka rekisa ka fapha le leng la naha ya hae, eo e leng wa habo ka ho tswalwa, ya nang le tokelo ya ho rekolla, ha e be yena ya rekollang se rekisitsweng ke ngwanabo.


Ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le nkgopotse; athe le ne le fela le hopotse, empa le ne le hloka sebaka.


Ruthe wa Moabe a re: Hape o itse ho nna: Sala bahlankana ba ka morao, ho fihlela ba ba ba qeta ho hela ha ka.


Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna.


Basadi ba re ho Naomi: Ho bokwe Jehova, ya sa kang a o tima wa heno kajeno, eo lebitso la hae le tla tuma Iseraeleng.


Ke itse, e ka kgona ke o bolelle, ke re: O se reke pontsheng ho ba ahileng motseng ona le pontsheng ho baholo ba setjhaba sa heso. Ha ekaba o rata ho se lopolla, o se lopolle; ha o sa rate ho se lopolla, o ntsebise, ke tle ke tsebe; hobane ha ho e mong ya ka se lopollang haese wena, mme ke nna ya o hlahlamang. Ebile eo o re: Ke rata ho se lopolla.


Ebile eo wa habo o re: Tjhe, ke sitwa ho itopollela yona, esere mohlomong ka senya lefa leo e leng la ka; o inkele tokelo ya ka ya ho lopolla e le wena, hobane haele nna, ke sitwa ho e lopolla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos