Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.
Ruthe 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Naomi o re ho dingwetsi tsa hae tse pedi: Kgutlang, le ipoelle e mong le e mong tlung ya mmae; Jehova a le etse ka mohau, kamoo le etseditseng nna kateng, le ba shweleng. BIBELE Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng. |
Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.
le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.
Le bona Mahalone le Kilione ba eshwa ba babedi, ha sala mosadi eo ya shwetsweng ke bara ba hae ba babedi le monna wa hae.
A tloha moo a neng a le teng, a ena le dingwetsi tsa hae tse pedi, mme ba ikela ka tsela e boelang naheng ya Juda.
Jehova a nee e mong le e mong wa lona kgatholoho tlung ya monna wa hae. Ebile o a ba aka, mme ba phahamisa mantswe a bona, ba lla.
Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.
Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng.