Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 3:10
8 Referencias Cruzadas  

A re: Tloo, mohlohonolofatsuwa wa Jehova! O duletseng kantle na, kanthe ke se ke lokisitse ntlo le sebaka sa dikamele?


Ebile Naomi o re ho dingwetsi tsa hae tse pedi: Kgutlang, le ipoelle e mong le e mong tlung ya mmae; Jehova a le etse ka mohau, kamoo le etseditseng nna kateng, le ba shweleng.


Boase a araba, a re ho yena: Ho tsebiswa ke tsebisitswe hohle kamoo o entseng matsalao kateng, haesale ho timela monna wa hao, kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona o bileng o tlile tjhabeng seo o neng o sa se tsebe pele.


Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.


Mme bonang, Boase a tswa Bethlehema, a fihla, a re ho bahedi: Jehova a be le lona! Ba araba, ba re ho yena: E, Jehova a o hlohonolofatse!


A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso.


Samuele ha a fihla ho Saule, Saule a re ho yena: Hlohonolofatswa ke Jehova! Ke phethile taelo ya Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos