Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
Ruthe 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ile ke tletse, mme Jehova o nkugtlisitse ke le feela; le sa mpiletsang Naomi, athe Jehova o nkotlile, mme Ya matla wohle o ntshwabisitse! BIBELE “Ke tlohile mona ke hafa ka nkatana, Morena o nkgutlisa ke itlhophere; jwale le ka mpitsa Naomi jwang, athe Morena o ntswile, o nkahlotse, Ya Matla wohle o ntliseditse matshwenyeho?” |
Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
O ne o ya hlahisa dipaki tse ding ho ntwantsha, le ho nkatisetsa kgalefo ya hao; o ne o ya ntlela ka makgotla a phomotsanang!
o ntshwere ka thata, mme hoo ke paki e nqosang, ho ota ha ka ho ema ho nketselletsa, le ho nqosa pontsheng.
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
na le ne le tla hle le ba lebelle, ba be ba hole na? Na le ne le tla hana banna ka baka la bona na? Tjhe, baradi ba ka, ke mpa ke swabile haholo bakeng sa lona, kahobane letsoho la Jehova le nkokobeditse.