Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 na le ne le tla hle le ba lebelle, ba be ba hole na? Na le ne le tla hana banna ka baka la bona na? Tjhe, baradi ba ka, ke mpa ke swabile haholo bakeng sa lona, kahobane letsoho la Jehova le nkokobeditse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 1:13
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae: Kgutlela tlung ya ntatao o le mohlolohadi, ho fihlela Shela, moraka, a hola. Hobane o ne a re, esere mohlomong le yena a shwa jwaloka banababo. Yaba Tamare o a tsamaya, a boela tlung ya ntatae.


Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng.


Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho nna nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a ne a omeletse jwaloka hola ke lebatama la selemo. (Sela.)


Hobane metsu ya hao e kene ho nna, letsoho la hao le hlile le nkimetse.


Efela letsoho la Jehova la nna la eba hodima bona hore le ba timetse diahelong, ho fihlela ba ba ba fela.


Hohle moo ba neng ba futuhela teng, letsoho la Jehova le ne le ba lwantsha, jwalokaha Jehova a ne a boletse, le jwalokaha Jehova a ne a ba anetse; mme ba eba tsietsing e kgolo.


Kgutlang, baradi ba ka, le ikele, etswe ke se ke tsofetse; ke se nka sitwa ho bona monna e mong. Leha nka le tshepisa ka ho re, nka bona monna le ka bona bosiu bona, ke be ke tswale bana,


Ba boela ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. Yaba Orpa o aka matsalae, Ruthe a mpa a mo kgomarela.


Ke ile ke tletse, mme Jehova o nkugtlisitse ke le feela; le sa mpiletsang Naomi, athe Jehova o nkotlile, mme Ya matla wohle o ntshwabisitse!


Ka baka lena, ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Kgutlisang areka ya Modimo wa Iseraele, e ke e boele ha habo yona, e tle e se ke ya re bolaya le setjhaba sa heso. Hobane letsoso le leholo le ne le wetse motse wohle, le letsoho la Jehova le ne le le boima haholo teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos