ka baka la hobane Abrahama a utlwile lentswe la ka, mme a bolokile mekgwa ya ka, le ditaelo tsa ka, le ditaolo tsa ka, le melao ya ka.
Numere 9:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, hape ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova: ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, kamoo Jehova a neng a laetse ka Moshe kateng. BIBELE Ka taelo ya Morena, ba ne ba ye ba hlome, mme ka taelo ya Morena ba tswele pele leetong. Ba boloka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a ba laetse ka Moshe. |
ka baka la hobane Abrahama a utlwile lentswe la ka, mme a bolokile mekgwa ya ka, le ditaelo tsa ka, le ditaolo tsa ka, le melao ya ka.
Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.
Jwaloka dikgomo ha di theohela thoteng, moya wa Jehova o ba finyeleditse phomolong jwalo: ke ka mokgwa oo o tsamaisitseng setjhaba sa hao, hore o iketsetse lebitso le kganyang.
Ha le a ka la boloka ntho tsa ka tse halalelang tseo ke neng ke di beile matsohong a lona, la mpa la bea baditjhaba bao ho ba etsa balebedi sehalalelong sa ka, ba ntho tseo ke di beileng ho lona, tulong tsa lona.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.
Ha leru le ne le duladula halelele hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, mme ba ne ba sa tlohe.
Ha le a ka la tlohela banababo lona tshiung tsena tse ngata ho fihlela kajeno; le bolokile tse tshwanetseng ho bolokwa, e leng molao wa Jehova, Modimo wa lona.