Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:1
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.


Ba tloha Elime, e le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba fihla lefeelleng la Sine, le leng dipakeng tsa Elime le Sinai, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bobedi ha ba se ba tswile naheng ya Egepeta.


Yaba ho tla Amaleke, a lwana le Iseraele Refidime.


Eitse ha ba tloha Refidime, ba fihla lefeelleng la Sinai, ba hloma ditente lefeelleng; Iseraele a hloma ditente malebana le thaba.


Ho ne ho se metsi teng a ka nowang ke phutheho; yaba e lwantsha Moshe le Aarone.


Enere ha leru le phahama, le tloha hodima tente, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; mme moo leru le neng le ema, bana ba Iseraele ba ne ba emisa teng.


Ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, hape ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova: ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, kamoo Jehova a neng a laetse ka Moshe kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos