Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:1 - BIBELE

1 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:1
8 Referencias Cruzadas  

Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Elime, sa ya fihla lehwatateng la Sine, pakeng tsa Elime le Sinai. E ne e le letsatsi la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya bodedi ya ho tloha ha bona naheng ya Egepeta.


Baamaleke ba fihla, ba lwantsha bana ba Iseraele mane Refidime.


Ha ba tloha Refidime ba fihla lehwatateng la Sinai, mme ba hloma moo lehwatateng. Baiseraele ba hloma kapele ho thaba.


Setjhaba se ne se hloka metsi, mme sa ikopanya ho lwantsha Moshe le Arone.


Ha leru le ne le phahama ho tloha hodima Tente, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme moo leru le theohelang hodima Tente ya Morena ha ba le hona teng, ebe bana ba Iseraele ba hloma hona teng.


Ka taelo ya Morena, ba ne ba ye ba hlome, mme ka taelo ya Morena ba tswele pele leetong. Ba boloka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a ba laetse ka Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos