Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ka baka la hobane Abrahama a utlwile lentswe la ka, mme a bolokile mekgwa ya ka, le ditaelo tsa ka, le ditaolo tsa ka, le melao ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:5
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrame o a falla, kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme Lota a falla le yena. Dilemo tsa Abrame, ha a tloha Kharane, di ne di le mashome a supileng a metso e mehlano.


Yaba Abrahama o nka Ishmaele, mora wa hae, le bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, ba batona bohle ba ntlo ya Abrahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo, kamoo Modimo o mmoleletseng kateng.


Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.


Yaba Isaaka o dula Gerare.


Ka baka leo, ya tlolang o mong o monyenyane wa melao eo, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane mmusong wa mahodimo; empa ya e bolokang, mme a ruta batho ho e boloka, yena o tla bitswa e moholo mmusong wa mahodimo.


Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae, Isaaka, hodima aletare na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos