Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.
Numere 8:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ka nna a thusa banababo tenteng ya pokano ho boloka tse tshwanetseng ho hlokomelwa, empa a se ke a tlangwa hore a sebetse. Tse beetsweng Balevi bakeng sa mosebetsi wa bona, o tla di phetha jwalo. BIBELE Feela ba ka nna ba thusana le bana babo bona ka Tenteng ya Morena ho hlokomela tse sebediswang, empa ha ba na ho sebeletsa. Balevi o tla ba etsa tjena, malebana le mosebetsi wa bona.” |
Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.
Ba tla tshwara tshebeletso ya ka sehalalelong sa ka, e be balebedi ba menyako ya ntlo ya ka, le ba etsang tshebeletso ya ntlo; ba tla hlaba ditjheso le mahlabelo a setjhaba, mme ba tla ema pela bona ho ba etsetsa tsa tshebeletso ena.
Ha le a ka la boloka ntho tsa ka tse halalelang tseo ke neng ke di beile matsohong a lona, la mpa la bea baditjhaba bao ho ba etsa balebedi sehalalelong sa ka, ba ntho tseo ke di beileng ho lona, tulong tsa lona.
Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.
Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang.
Morena wa marena a Balevi e ne e le Eleasare, mora Aarone, moprista. Eo o ne a hlahloba ba baballang dintho tsa sehalalelo.
Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.
ha a le dilemo tse mashome a mahlano o tla tswa tshebetsong, mme a ke ke a hlola a e etsa.
Hlokomela taba tseo, mme o be ho tsona; ho tswela pele ha hao ho nne ho lemohuwe ke bohle.