Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.
Numere 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo, Balevi ba kena ho etsa tshebetso ya tente ya pokano, pontsheng ya Aarone le bara ba hae; kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng bakeng se Balevi, ha fela ha etswa jwalo bakeng sa bona. BIBELE Kamora moo, Balevi ba kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa ba le tlasa taolo ya Arone le bara ba hae. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, malebana le Balevi, ba etsa Balevi jwalo. |
Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.
Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.
Bana ba Iseraele kaofela ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng; ba fela ba etsa jwalo.
o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.
Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang,
Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona. Aarone a ba hlahisa pela Jehova e le kabelo e tsokotswang, a ba etsetsa pheko hore ba tla ba hlweke.