Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:22 - BIBELE

22 Kamora moo, Balevi ba kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa ba le tlasa taolo ya Arone le bara ba hae. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, malebana le Balevi, ba etsa Balevi jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Kamora tseo, Balevi ba kena ho etsa tshebetso ya tente ya pokano, pontsheng ya Aarone le bara ba hae; kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng bakeng se Balevi, ha fela ha etswa jwalo bakeng sa bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:22
9 Referencias Cruzadas  

Jwale baprista, e leng Balevi, ba ema, ba hlohonolofatsa setjhaba. Mantswe a bona a utlwahala, mme thapelo ya bona ya fihla leahong la Modimo le halalelang, le lehodimong.


Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena.


Bana bohle ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe le Arone.


O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.


Kamora moo, Balevi, ba tla kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa. O tla ba hlwekisa, ebe o nyehela ka bona, e le nyehelo e akgotswang.


Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona, mme Arone a nyehela ka bona kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, mme a ba etsetsa tefelo ya sebe ho ba hlwekisa.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos